You can also read the English version of this blog.
Baithuti ba fumaneng mangolo LLB ba na le kutlwisiso ya molao, empa ha ba so amohelwe e le boramolao.
Bakeng sa ba baithuti ba bangata ba fumaneng lengolo la LLB, tsela ya hoba ramolao ya amohetsweng e utlwahala e le mohato o latelang o hlakileng. Le ha ho le jwalo, ho fumana sebaka sa boikwetliso sa diatekele ho se ho le tlhodisano haholo, ho ka nka motho ya tlwaelehileng wa lengolo la LLB dilemo tse ka bang pedi ho isa ho tse hlano ho fumana diatekele maemong a feteletseng. Jwalo ka ha o ka inahanela, sena se ka baka maikutlo a ho hloka tshepo le ho ikwahlaya.
Mohlomong o ntse o ipotsa: “ke hobaneng ke ithutetse molao?” Haeba ke wena enwa, o se ke wa nyahama ha jwale, ho sa ntse ho na le ditsela tse ding tsa mesebetsi tseo o ka di hlahlobang ka ditiri (degree) ya hao ya LLB ka ntle ho lekgotla la dinyewe. Ebang ka moralo kapa ka maemo, baithuti ba fumaneng lengolo la LLB ba lokela ho qala ho hlahloba menyako e meng eo mangolo a LLB a ka a bulang.
Sengolwa sena se hlahloba dikgetho tse ding tsa mesebetsi tse fumanehang ho ba fumaneng lengolo la LLB le baithuti ba thuto e hodimo ho fetisisa (postgraduate) Afrika Borwa, ho kenyelletsa menyetla e hlokang thuto e eketsehileng e matlafatsang bokgoni boo ba nang le mangolo LLB ba seng ba ntse ba ena le bona.
Pele ho tsohle
Pele re kena dikgethong tse fumanehang, mohato wa hanghang oo ba fumaneng lengolo la LLB ba lokeng ho o nahana kamora ho fumana mangolo ke ho ingodisa lenaneong la kwetliso ya mosebetsi e sebetsang (PVT) le amohetsweng ke LPC. Leha sena e le tlhokahalo feela haeba o batla ho ba ramolao ya amohetsweng, o tla fumana hore ho phethela lenaneo lena ho o hlomella ka bokgoni le tsebo tse tla o tswela molemo, le ha ntse o hlaloba ditsela tse ding tsa mosebetsi tse kantle ho lekgotla la dinyewe. PVT, e boetse e bitswa “sekolo sa molao” kapa “kwetliso e sebetsang ya molao (PLT)”, e tletse tsebo le bokgoni bo sebetsang ba molao, bo sebetsang hoo e batlang e le tseleng e nngwe le e ngwe ya mosebetsi wa molao.
Jwale, ha re hlahlobeng tse ding tsa dikgetho tsa mesebetsi tseo o ka di nahanang.
1. Ofisiri ya tumellano ya molao (Legal compliance officer)
Hoo e ka bang masepala o mong le o mong, banka, le khamphani e ngwe le e ngwe makaleng a fapaneng e na le kapa e hloka ofisiri ya tumellano ya molao, mme ka lebaka le hlakileng, ho itshirelletsa dikotsing tsa molao, tsa ditjhelete, le tsa botumo ka ho netefatsa hore di sebetsa ka hare ho meedi ya melao, melawana, le maano a ka hare a amehang.
Tumellano ya molao ke tsela ya mosebetsi o sa ananelweng ka ho lekaneng e fanang ka menyetla e metle haholo ya mosebetsi mme hangata e lefa haholo ho feta ditsela tse tlwaelehileng tse kang diatekele kapa maemo a qalang a mosebetsi (entry-level) a ramolao wa moithuti kapa ramolao e monyane. Dikhamphani tse ngata ha di hloke hore o be ramolao a amohetsweng ho nka karolo ena.
2. Mofuputsi wa molao (Legal Reseacher)
Mofuputsi wa molao ke setsebi sa molao se ikgethang ka ho hlahloba melao, dinyewe tsa molao, metheo ya molao, le dingolwa tsa thuto ho tshehetsa ntshetsopele ya dikgang tsa molao, diqeto tsa baahlodi, leano la setjhaba, kapa mosebetsi wa borutehi. Boikarabelo ba bona bo ka sehloohong ke ho etsa tlhahlobo ya molao ka botlalo, ho toloka ditaba tse rarahaneng tsa molao, le ho hlahisa diphumano ka ho hlaka ho thusa ba etsang diqeto ba kang baahlodi, babuelli ba molao, baetsi ba maano, kapa barutehi.
Ntlha ya ho qala: Mosebetsi wa motlatsi wa moahlodi lekgotleng la molaotheo
Afrika Borwa, e nngwe ya ditsela tse sebetsang hantle haholo tsa ho kena mosebetsing wa dipatlisiso tsa molao ke ka Lenaneo la batlatsi ba Baahlodi ba lehae la Lekgotla la Molaotheo. Lenaneo lena le tummeng le beha baithuti ba satswa qeta dithuto tsa maloa le baahlodi ba Lekgotla la Molaotheo nako ya selemo se le seng ho isa ho tse pedi.
- Boikarabelo: Dipatlisiso tsa molao, tlhahlobo ya dinyewe, le ho ngola dimemorandamo bakeng sa moahlodi wa hao ya abetsweng.
- Nako: Mosebetsi wa nako e behilweng wa selemo se le seng ho isa ho tse pedi.
- Moputso: Hoo e ka bang R450,000 ho isa ho R500,000 ka selemo.
- Boiphihlelo bo fumanwang: Ho pepesetswa lekgotla le phahamemng ka ho fetisisa la Afrika Borwa, dinyewe tse rarahaneng tsa molaotheo, le tlhabollo/tataiso e haufi ho tswa ho dikelello tse hlahelletseng tsa molao.
Mosebetsi ona wa botlatsi ba baahlodi o fana ka motheo o tiileng bakeng sa ba labalabelang ho ba bafuputsi ba molao ba nang le bokgoni bo phahameng le ba batlwang haholo. E fana ka: Ho nka karolo ka kotloloho ditabeng tsa bohlokwa tsa molaotheo, tataiso ho tswa ho baahlodi ba etelletseng pele mme ke motheo wa mesebetsi ya kamoso dithutong tse phahameng, boeletsi ba molao, mosebetsi wa ditokelo tsa botho, molao wa matjhaba kapa dikgethong tsa boahlodi.
Batlatsi ba baahlodi ba bangata ba mehleng ba tswetse pele hoba barutehi ba hlahalletseng, baeletsi ba baholo ba molao, baahlodi, le barutehi tsa malao tse nang le tshusumetso Afrika Borwa le matjhabeng.
Bafuputsi ba molao ba sebetsa kae?
Bafuputsi ba molao ba hirilweng dibakeng tse fapaneng, ho kenyeletsa:
- Makgotla a dinyewe (jwalo ka Lekgotla la Molaotheo le Makgotla a Phahameng)
- Mekgatlo ya ntlafatso ya molao (mohlala, Khomishene ya Ntlafatso ya molao ya Borwa Afrika)
- Diyunivesithi le ditheo tsa dipatlisiso tsa molao
- Mekgatlo ya setjhaba o sebelletsang thasello ya setjhaba (Legal Resource Center, Section 27)
- Palamente (e tshehetsa ho ngolwa ha melao le tlhahlobo ya melao)
- Mekgatlo ya matjhaba (jwalo ka Dinaha tse kopaneng, African Union, le di-NGO tse fapaneng)
Ba thusa ho lokisetsa dikahlolo, ho ngola maikutlo a molao, ho etsa ditlhahlobo tsa melao, le ho kenya letsoho dingodilweng tsa thuto, ka hoo ba bohlokwa ntshetsongpele ya molao le leanong la setjhaba. Mme hape, ha ho hlokehe hore o be ramolao ya amohetsweng ho etsa kopo ya mosebetsi ona.
3. Thuto e phahameng (LLM/LLD)
Bakeng sa ba nang le tjantjello ya dipatlisiso le ho ruta, ho phehella LLM (Master of Laws) mme hamorao LLD (Doctor of Laws) ho ka lebisa mosebetsing o putsang thutong e phahameng. Ka mora ho qeta LLB ya hao, mangolo ana a thuto a o dumella ho ikgethela makala a molao le ho ruta maemong a fapafapaneng.
Menyetla ya ho ruta diyunivesithing
Ka LLM kapa LLD, o kaba morupelli wa yunivesithi, o ruta:
- Mananeo a LLB le BCom law
- Boikgethelo ba LLM (mohlala, molao wa matjhaba, ditokelo tsa botho)
- Ho tataisa dipatlisiso tsa baithuti ba postgraduate (thesis le dissertation)
Ho ruta dikholejing tsa TVET
O ka boela wa ruta dikholejing tse fanang ka mangolo a thuto ya mothusi wa molao (paralegal), diploma tsa mongodi wa molao, kapa dithuto tse kgutshwane tsa molao bakeng sa ba phehellang mesebetsi ya tshehetso ya molao.
Menyetla e metjha ka dikolo tsa molao
Ka dikolo tse ngata tsa molao tse hlahang Afrika Borwa, ho na le menyetla e mengata ya ho ruta dithuto tse tswetseng pele tsa molao le PVT, haholoholo Makaleng a ikgethileng a kang molao wa kgwebo, molao wa basebetsi, le tse ding.
Ho phehella mosebetsi wa thuto ya molao ho fana ka monyetla o motle wa ho bopa moloko o latelang wa ditsebi tsa molao.
4. Nahana ho etsa dikiri(degree) ya BCom Law
Ha ntse o leka ho fumana diatekele, o ka nahana ka ho ingodisa bakeng sa dikiri(degree) ya BCom Law. O ka tshwaneleha bakeng sa ho lokollwa dithutong tse itseng ka lebaka la mangolo a hao a LLB, mme o ka kgona ho qeta dikiri(degree) ka dilemo tse pedi.
Dikiri(degree) ya BCom Law e kopanya tsebo ya molao le bohlale ba kgwebo, e bula menyako ya mesebetsi e fapaneng Makaleng a kgwebo le ditjhelete. Mona ke tse ding tsa ditsela tsa mosebetsi tseo o ka di nahanang:
- Mookamedi wa dikotsi (Risk manager): O lemoha, o lekola, le ho fokotsa dikotsi tsa molao le tsa ditjhelete ka hare ho mekgatlo.
- Mohlahlobi wa matsete (Investment analyst): O lekola dintlha tsa ditjhelete le mekgwa ya ho maketa ho tshehetsa diqeto tse nepahetseng tsa matsete.
- Ofisiri ya puso ya khamphani (Corporate governance officer): O netefatsa hore mekgatlo e ikobela maemo a molao, mekgwa ya boitshwaro bo nepahetseng, le meralo ya puso ya khamphani.
5. Qala feme ya hao ya boeletsi ba molao
Haeba o sa fumane mosebetsi, o ka iketsetsa mosebetsi ka ho qala feme ya boeletsi ba molao. Afrika Borwa, ho molaong ho sebetsa kgwebo e jwalo le ha o se ramolao ya amohetsweng, ha feela o sa emele diklayente kgotla kapa o sa etse ditshebeletso tse boloketsweng boramolao ba amohetsweng. Jwalo ka moeletsi wa molao, o ka fana ka ditshebeletso tsa boeletsi tse kang ho ngola dikonteraka, ho netefatsa boikobelo ba melao, puso ya dikhamphani, dikotsi tsa molao, ntshetsopele ya maano, le dipatlisiso tsa molao.
O ka boela wa thusa dikgwebo le mekgatlo ho sebetsana le meralo ya taolo, ho kwetlisa basebetsi ka ditaba tsa molao, kapa ho netefatsa ho ikobela melao ya basebetsi le ya kgwebo. Le hoja o sa lokela ho fana ka maikutlo a fosahetseng ka boemo ba hao ba profeshenale/botsebi kapa ho sebedisa ditlotla tse sireleditsweng tse kang “ramolao” kapa “moemedi wa molao,” boeletsi bo tsepamisitseng maikutlo ditshebeletsong tseo e seng tsa dinyewe ke tsela e sebetsang le e matlafatsang bakeng sa baithuti ba LLB ba batlang ho laola mesebetsi ya bona.
6. Motataisi wa molao
O ka nahana ka ho ruta baithuti ba molao dimojuleng tseo o ipabolang ho tsona. Sena ha se o dumelle feela ho dula o le mafolofolo lebaleng la molao empa se boetse se fana ka mohlodi wa tjhelete ha o ntse o hlahloba dikgetho tse ding tsa mosebetsi.
Haeba o na le mohopolo wa bokgwebo, o ka hodisa sena ho ba setsi sa tataiso, haholoholo ho sebeletsa baithuti ba Unisa ba qetang LLB ya bona ka thuto ya hole. Baithuti bana hangata ha ba na phihlello e tobileng ho barupelli kapa tshehetso ya motho ka mong, e leng ho etsang hore batataisi ba nang le boiphihlelo ba batlwe haholo ho thusa ho kwala sekgeo pakeng tsa ho ithuta ka bowena le katleho ya thuto.
Qetello
Qetellong, dikiri (degree) ya hao ya LLB ha se feela tsela e lebisang ho diatekele kapa tshebetsong ya setso ya molao – ke kgoro e lebisang mefuteng e mengata e thabisang le e nang le moelelo ya menyetla ya mosebetsi.
O seke wa ipehela meedi kapa wa ikutlwa o eme nqa e le ngwe o emetse diatekele. Lefapha la molao le a fetowa, mme ka monahano o nepahetseng, mangolo a hao a thuto a ka dula menyako ho phatlalla le diindasteri, Makaeng, esita le mafapheng a bokgwebo. Ho nale lefatshe la menyetla ka ntle ka mono – e hlahlobe ka sebete.
Mehlodi le disebediswa bakeng sa baithuti ba LLB
- https://www.regenesys.net/reginsights/what-jobs-can-you-get-with-an-llb-degree
- https://www.unisa.ac.za/sites/corporate/default/Apply-for-admission/Undergraduate-qualifications/Career-counselling/Linking-your-interests-to-Unisa-qualifications/Law-interest-fields
- https://www.regenesys.net/reginsights/what-comes-after-llb
Mabapi le mongodi
Macdonald Sesinyi ke mokgethwa ya ithutetseng boramolao (candidate attorney) ho Kabai Attorneys. O na le dikiri(degree) ya LLB mme o qetile kwetliso ya hae ya PVT ka Gawie le Roux Institute of Law. Macdonald hape ke moetsi wa dipodcast(podcaster) ya molao. O ka latela dikgaolo tsa hae tsa Rooted & Relevant ho YouTube.
E qetetse ho ntlafatswa ka la 20 Motsheanong 2025.